33 Etsoe Tofethe+ ea hae e behiloe ka tlhophiso ho tloha nakong e sa tsoa feta; hape e lokiselitsoe morena.+ O tebisitse qubu ea eona. Mollo le patsi li ngata. Phefumoloho ea Jehova, joaloka molapo o phoroselang oa sebabole, e tuka khahlanong le eona.+
31 Ba hahile libaka tse phahameng tsa Tofethe,+ e phuleng ea bara ba Hinome,+ e le hore ba chese bara ba bona le barali ba bona mollong,+ e leng ntho eo ke neng ke sa ka ka e laela le e neng e sa ka ea hlaha pelong ea ka.’+
6 “‘“Ka hona, bonang! matsatsi aa tla,” ho bolela Jehova, “ao ka ’ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitsoa Tofethe+ le phula ea mora oa Hinome,+ empa se tla bitsoa phula ea polao.
11 U tla re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ka tsela e tšoanang ke tla pshatla sechaba sena le motse ona joalokaha motho a pshatla sejana sa sebōpi hoo se sa hloleng se khona ho lokisoa;+ ’me ba tla pata litopo Tofethe+ ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata.”’+