45 “Ka sebele lithohako+ tsena tsohle li tla tla holim ’a hao ’me li u phehelle ’me li u fihlele ho fihlela u felisitsoe,+ kahobane ha ua ka ua mamela lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u boloke litaelo tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo a u laetseng tsona.+
63 “Feela joalokaha Jehova a thabetse hore a le etse se molemo le ho le atisa,+ Jehova o tla thabela hore a le timetse le ho le felisa;+ le tla tlosoa naheng eo le eang ho e rua.+
16 Joale Menaheme a hlasela Tifsa le sohle se neng se le ho eona le sebaka sa eona ho tloha Tirza, hobane ha ea ka ea buleha, eaba o qala ho e hlasela. Basali bohle ba eona ba baimana a ba tabola.+
14 Ho hlahile moferefere har’a batho ba lōna,+ ’me metse ea lōna e etselitsoeng liqhobosheane kaofela e tla tlatlaptjoa,+ joaloka ho tlatlaptjoa ha ba ntlo ea Arbele ke Shalmane, letsatsing la ntoa ha ’mè a ne a robakanngoa haufi le bara ba hae.+