18 Ka hona, le ele hloko kamoo le mamelang kateng; kaha mang kapa mang ea nang le letho, o tla fuoa ho eketsehileng,+ empa mang kapa mang ea se nang letho, o tla amohuoa le seo a nahanang hore o na le sona.”+
14 Mosali ea itseng ea bitsoang Lydia, morekisi oa lintho tse pherese, oa motse oa Thyatire+ le morapeli oa Molimo, o ne a mametse, ’me Jehova a bula pelo+ ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse.
11 Joale Baberea ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba+ Mangolo+ ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.+
2Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re ele hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lintho tseo re ileng ra li utloa,+ e le hore le ka mohla re se ke ra hoholeha.+