-
Esthere 3:12Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
12 Joale ha bitsoa bangoli ba morena+ khoeling ea pele letsatsing la eona la leshome le metso e meraro, ’me ha ngoloa+ ho ea ka sohle seo Hamane a ileng a se laela babusisi ba morena ba profinse le babusisi ba neng ba le liprofinseng+ tse fapaneng, le likhosana tsa lichaba tse fapaneng, tsa profinse ka ’ngoe, ka mokhoa oa eona oa ho ngola,+ le sechaba ka seng ka leleme la sona; ha ngoloa ka lebitso+ la Morena Assueruse ’me ha tiisoa ka lesale la morena la tiiso.+
-
-
Esthere 8:5Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
5 Joale a re: “Haeba ho morena ho bonahala ho le molemo, haeba ke fumane kamohelo+ ka pel’a hae ’me ntho ena e loketse ka pel’a morena ebile ke le molemo ka pel’a mahlo a hae, ho ke ho ngoloe hore ho etsolloe litokomane tse ngotsoeng,+ morero oa Hamane mora oa Hamedatha Moagage,+ tseo a li ngotseng bakeng sa ho timetsa Bajuda+ ba liprofinseng+ tsohle tsa morena.
-