-
Esthere 8:9Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
9 Tumellanong le hoo bangoli+ ba morena ba bitsoa ka nako eo khoeling ea boraro, ke hore, khoeli ea Sivane, letsatsing la eona la mashome a mabeli a metso e meraro; ha ngoloa ho ea ka sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda le babusisi ba liprofinse+ le babusisi le likhosana tsa liprofinse ho tloha India ho ea Ethiopia, liprofinse+ tse lekholo le mashome a mabeli a metso e supileng, profinse ka ’ngoe ka mokhoa oa eona oa ho ngola+ le sechaba ka seng ka leleme la sona,+ le ho Bajuda ka mokhoa oa bona oa ho ngola le ka leleme la bona.+
-