22 “Lōna ba se nang phihlelo le tla ’ne le rate ho se be le phihlelo halelele hakae,+ ’me lōna basomi le tla lakatsa ho soma ho totobetseng halelele hakae,+ ’me lōna ba hlokang kelello le tla ’ne le hloee tsebo halelele hakae?+
20 Etsoe litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng+ li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele,+ hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng,+ esita le matla+ le Bomolimo+ ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo;+
21 hobane, le hoja ba tsebile Molimo, ha baa ka ba mo tlotlisa e le Molimo kapa ba mo leboha,+ empa ba ile ba fetoha ba thotofetseng+ menahanong ’me lipelo tsa bona tse seng bohlale tsa fifala.+