19Phatlalatso khahlanong le Egepeta:+ Bonang! Jehova o kaletse leru+ le lebelo ’me o kena Egepeta. Ka sebele melimo ea lefeela ea Egepeta e tla thothomela ka lebaka la hae,+ ’me pelo ea Egepeta e tla nyahama ka hare ho eona.+
12 Ke tla hotetsa mollo matlong a melimo ea Egepeta;+ ka sebele o tla a chesa ’me a ba etelle pele ba holehiloe ’me a ithatele naheng ea Egepeta, feela joalokaha molisa a ithatela ka seaparo sa hae,+ ’me o tla tloha teng ka khotso.
2 “Letsatsing leo,” ho bolela Jehova oa mabotho, “ke tla tlosa mabitso a litšoantšo tse rapeloang naheng,+ ’me ha a sa tla hlola a hopoloa; hape ke tla etsa hore baprofeta+ le moea oa ho se hloeke li fete naheng.+