-
Daniele 2:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 Bakalde ba araba ka pel’a morena, ’me ba re: “Ha ho motho naheng e omileng ea ka khonang ho bolella morena taba ena, kahobane ha ho morena e moholo kapa ’musisi ea kōpileng ntho e kang ena ho moprista leha e le ofe ea sebelisang boselamose kapa senohe kapa Mokalde.
-
-
Daniele 5:7Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
7 Morena o ne a hoeletsa ka lentsoe le phahameng hore ho tlisoe linohe, Bakalde le linohe tsa linaleli.+ Morena a bua ’me a re ho banna ba bohlale ba Babylona: “Motho leha e le ofe ea tla bala mongolo ona le ho mpolella tlhaloso ea oona, o tla apesoa bopherese,+ a roesoe sefaha sa khauta molaleng, ’me o tla busa e le oa boraro ’musong.”+
-