Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Etsoe mollo o hotelitsoe bohaleng ba ka+

      O tla tuka ho fihlela Sheole, sebaka se tlaase-tlaase,+

      O tla chesa lefatše le lihlahisoa tsa lona+

      O tla chesa metheo ea lithaba.+

  • Esaia 34:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etsoe Jehova o halefetse lichaba tsohle,+ ’me o halefetse mabotho ’ohle a tsona.+ O tla li nehela timetso; o tla li nehela polao.+

  • Ezekiele 36:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ka hona sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Ka sebele ke tla bua ka mollo oa cheseho ea ka+ khahlanong le ba setseng ba lichaba le khahlanong le Edomo, kaofela ha eona,+ ba iphileng naha ea ka e le lefa ka ho thaba ha pelo eohle,+ ka nyeliso moeeng,+ ka lebaka la lekhulo la eona le bakeng sa ho e tlatlapa.’”’+

  • Sofonia 1:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova;+ empa lefatše lohle le tla timetsoa ka mollo oa cheseho ea hae,+ hobane o tla tlisa pheliso, e tšabehang, ea baahi bohle ba lefatše.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela