14 Jehova a tsoela pele ho re ho ’na: “Baprofeta ba profeta leshano ka lebitso la ka.+ Ha kea ka ka ba roma, leha e le ho ba laela kapa ho bua le bona.+ Ba bua le lōna ka tsela ea boprofeta ka pono ea bohata le bonohe le ntho ea lefeela+ le ho qhekella ha lipelo tsa bona.+
8 A re: “Hlokomelang hore le se ke la khelosoa;+ kaha ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re, ‘’Na ke eena,’ hape ba re, ‘Nako e loketseng e atametse.’+ Le se ke la ba sala morao.
8 Hlokomelang: mohlomong ho ka ba le e mong ea tla le nka+ joaloka phofu ea hae ka filosofi+ le thetso+ ea lefeela ho ea ka neano ea batho, ho ea ka lintho tsa motheo+ tsa lefatše eseng ho ea ka Kreste;
3 Ho se ke ha e-ba le ea mong ea le ekang ka mokhoa leha e le ofe, hobane le ke ke la tla ntle le hore bokoenehi+ bo tle pele ’me motho ea sa eeng ka molao+ a senolehe,+ mora oa timetso.+