14 Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla,+ empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi+ a tšikhunyang ho fana ka bophelo+ bo sa feleng.”
37 Joale letsatsing la ho qetela, letsatsi le leholo la mokete,+ Jesu o ne a eme ’me a hoeletsa, a re: “Haeba leha e le mang a nyoriloe,+ a ke a tle ho ’na ’me a noe.
17 Moea+ le monyaluoa+ ba ntse ba re: “Tloo!” Mang kapa mang ea utloang a ke a re: “Tloo!”+ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle;+ mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.+