10 hape e mong o fuoa liketso tsa mesebetsi e matla,+ e mong o fuoa ho profeta,+ e mong o fuoa temoho+ ea lipolelo tse bululetsoeng,+ e mong o fuoa maleme a fapaneng,+ ’me e mong o fuoa phetolelo le tlhaloso+ ea maleme.
5 Joale ke lakatsa ha lōna bohle le bua maleme,+ empa ke rata haholo hore le profete.+ Ka sebele, ea profetang o moholo ho ea buang maleme,+ ntle le haeba, ha e le hantle, a fetolela, e le hore phutheho e ka amohela ho hahuoa.