31 Hobane o behile letsatsi leo ka lona a rerang ho ahlola+ ka ho loka lefatše leo ho ahiloeng ho lona ka monna eo a mo behileng, ’me o fane ka tiiso ho batho bohle ka hore o mo tsositse+ bafung.”
7 Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo+ le lefatše+ tse teng hona joale li boloketsoe mollo+ ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo+ le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.+
12 Ka bona bafu, ba baholo le ba banyenyane,+ ba eme ka pel’a terone, ’me meqolo ea buloa. Empa moqolo o mong oa buloa; ke moqolo oa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahloloa ka lintho tse ngotsoeng meqolong eo ho ea ka liketso tsa bona.+