30 Empa ka mor’a tsona ho tla latela lilemo tse supileng tsa tlala, khora eohle ea naha ea Egepeta e tla lebaloa. Ho tla ba le tlala e kholo naheng.+ 31 Khora e kileng ea e-ba teng naheng e ke ke ea hopoloa ka lebaka la tlala e tla latela hobane e tla ba kholo haholo.