Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 24:37-39
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 37 Ha Mor’a motho a e-ba teng,* ho tla tšoana le mehleng ea Noe.+ 38 Etsoe mehleng eo pele ho Moroallo, batho ba ne ba ja, ba noa, banna ba nyala le basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona.+ 39 Ha baa ka ba elelloa ho fihlela Moroallo o fihla, o ba hohola kaofela.+ Ho tla ba joalo ha Mor’a motho a e-ba teng.

  • 1 Petrose 3:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Mangeloi ao, ha aa ka a mamela Molimo ha Molimo a ne a mameletse mehleng ea Noe.+ Nakong eo, areka e ne e ntse e hahoa.+ Areka eo e ile ea pholosa batho ba robeli feela metsing.+

  • 2 Petrose 2:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape o ile a otla batho ba lefatše la khale+ empa a sireletsa Noe ea neng a phatlalatsa litaba tse lokileng+ hammoho le ba bang ba supileng+ ha a ne a tlisa moroallo lefatšeng la batho ba sa rateng Molimo.+

  • 2 Petrose 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Jehova* o tseba ho pholosa batho ba mo sebeletsang ka botšepehi mathateng+ hape o tseba ho boloka ba sa lokang e le hore a tle a ba felise ka letsatsi la kahlolo,+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela