Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 3:19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 U tla ja lijo* ka mofufutso oa phatla ea hao* ho fihlela u khutlela mobung kaha u entsoe ka oona.+ U lerole ’me u tla khutlela leroleng.”+

  • Pesaleme 146:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ha a khaotsa ho hema, o khutlela leroleng.+

      Ho tloha ka nako eo, o khaotsa ho nahana.+

  • Moeklesia 9:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Etsoe ba phelang baa tseba hore ba tla shoa.+ Empa ba shoeleng ha ba tsebe letho ho hang+ hape ha ba sa na moputso hobane lintho tseo ba neng ba ka hopoloa ka tsona li lebetsoe.+

  • Moeklesia 9:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Eng kapa eng eo u khonang ho e etsa,* u e etse ka matla a hao kaofela etsoe ha ho mosebetsi, morero, tsebo kapa bohlale Lebitleng*+ moo u eang teng.

  • Ezekiele 18:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Ke ’na ea fanang ka bophelo.* Bophelo* ba ntate le ba mora bo tsoa ho ’na. Motho* ea etsang sebe ke eena ea tla shoa.

  • Baroma 5:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong ’me sa tlisa lefu.+ Kahoo, lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.+

  • 1 Bakorinthe 15:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Feela joalokaha bohle ba shoa ka lebaka la Adama,+ bohle ba tla phelisoa ka lebaka la Kreste.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela