Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 25:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Bara ba hae, e leng Isaka le Ishmaele ba mo pata lehaheng le Makpela, tšimong ea Efrone mora oa Zohare oa Mohethe e ka pel’a Mamre,+ 10 e leng tšimo eo Abrahama a ileng a e reka ho bara ba Hethe. Abrahama a pateloa moo le mosali oa hae Sara.+

  • Genese 49:29-33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ka mor’a moo a ba fa litaelo tsena: “Ke haufi le ho shoa.+ Le mpate lehaheng le tšimong ea Efrone oa Mohethe moo bo-ntate ba ka ba patiloeng teng.+ 30 Ke lehaha le tšimong e Makpela e ka pel’a Mamre naheng ea Kanana, tšimo eo Abrahama a e rekileng ho Efrone oa Mohethe hore e be sebaka sa lepato. 31 Ba ile ba pata Abrahama le mosali oa hae Sara moo.+ Ba pata Isaka+ le mosali oa hae Rebeka moo. Le ’na ka pata Lea moo. 32 Tšimo le lehaha le ho eona li ne li rekiloe ho bara ba Hethe.”+

      33 Ha Jakobo a qeta ho fa bara ba hae litaelo tsena, a khutlisetsa maoto a hae betheng eaba oa shoa ’me a patoa joaloka batho ba habo.*+

  • Genese 50:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ba mo isa naheng ea Kanana ’me ba mo pata lehaheng la tšimo e Makpela, tšimo e ka pel’a Mamre eo Abrahama a e rekileng ho Efrone oa Mohethe hore e be sebaka sa lepato.+ 14 Ka mor’a hore Josefa a pate ntate oa hae, a khutlela Egepeta le bana babo le bohle ba neng ba tsamaile le eena.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela