Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 12:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Jehova a re ho Abrame: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao le ntlong ea ntate oa hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.+ 2 Ke tla u etsa sechaba se seholo ’me ke u hlohonolofatse. Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale ’me batho ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.+ 3 Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke bitsetse bomalimabe ba u bitsetsang bomalimabe.+ Malapa ’ohle a lefatšeng a tla hlohonolofatsoa* ka lebaka la hao.”+

  • Liketso 3:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Ke lona bana ba baprofeta le majalefa a selekane seo Molimo a se entseng le baholo-holo ba lona+ ha a ne a re ho Abrahama: ‘Lichaba* tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana* oa hao.’+

  • Bagalata 3:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Mehleng ea khale, Molimo o ile a bua ka lentsoeng la hae a re o ne a tla re batho ba lichaba tsohle ba lokile hobane ba e-na le tumelo. Kahoo, o ile a bolella Abrahama litaba tse monate esale pele a re: “Lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la hao.”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela