Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 9:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Hona joale nka be ke ile ka phahamisa letsoho la ka hore ke otle uena le batho ba hao ka boloetse bo bolaeang ’me u ka be u felisitsoe lefatšeng. 16 Empa ke u bolokile u phela ka lebaka lena: hore ke u bontše matla a ka le hore lebitso la ka le boleloe lefatšeng lohle.+

  • Exoda 15:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ke molimo ofe har’a melimo ea joaloka uena, Jehova?+

      Ke mang ea joaloka uena, ea halalelang ka ho fetisisa?+

      U lokela ho tšajoa le ho rorisoa ka lipina, uena ea etsang lintho tse makatsang.+

  • Exoda 18:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jethro a re: “Ho rorisoe Jehova, ea le pholositseng Egepeta le ho Faro, le ea lokolotseng sechaba naheng ea Egepeta e neng e se hateletse. 11 Joale kea tseba hore Jehova o moholo ho feta melimo e meng eohle,+ ka lebaka la seo a se entseng ho ba ileng ba ikhohomosetsa sechaba sa hae.”

  • Joshua 2:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 A re ho bona: “Kea tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tšaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utloile kamoo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Leoatleng le Lefubelu ha le ne le tsoa Egepeta.+ Hape re utloile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a felisa ka lehlakoreng* lane la Jordane.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela