8 O ile a ba pholosa hore lebitso la hae le tlotlisoe+
Le hore batho ba tle ba tsebe hore o matla.+
9 A khalemela Leoatle le Lefubelu ’me la psha.
A ba fetisa botebong ba lona joalokaha eka o ba fetisa lehoatateng.+
10 O ile a ba pholosa ho ba ba hloileng,+
A ba pholosa ho lira tsa bona.+
11 Lira tsa bona tsa koaheloa ke metsi.
Ha ho le ea mong oa tsona ea ileng a phonyoha.+