Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 19:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Le se ke la ja letho le nang le mali.+

      Le se ke la batla lipontšo tsa se tlang kapa la sebelisa boselamose.+

  • Levitike 20:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Haeba motho a sa ntšepahalle* ka hore a ee ho batho ba reng ba buisana le balimo+ le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo ’me ke mo bolaee har’a batho ba habo.+

  • Deuteronoma 18:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona.

  • 1 Samuele 28:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Samuele o ne a se a shoele ’me Baiseraele bohle ba ne ba ile ba mo llela ’me ba mo pata Rama motseng oa habo.+ Saule o ne a tlositse batho ba buisanang le balimo naheng hammoho le batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+

  • Bagalata 5:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 ho rapela litšoantšo, ho buisana le balimo,*+ lehloeo, liqabang, mona, bohale, ho se utloane, likarohano, lihlotšoana,

  • Tšenolo 22:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Ka ntle ho motse ke batho ba itšoarang joaloka lintja,* ba sebelisanang le bademona, ba etsang boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* babolai, ba rapelang litšoantšo le bohle ba tloaetseng ho bua leshano ebile ba le rata.’+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela