Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 34:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Le mamele ka hloko seo ke le laelang sona kajeno.+ Ke tlosa Baamore, Bakanana, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse ka pel’a lona.+

  • Joshua 5:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Ha Joshua a le haufi le Jeriko, a phahamisa mahlo ’me a bona monna+ a eme ka pel’a hae a tšoere sabole letsohong la hae.+ Joshua a ea ho eena ’me a mo botsa a re: “Na u ka lehlakoreng la rona kapa la bahanyetsi ba rona?” 14 Eaba o re: “Che, ke tlile ke le khosana* ea lebotho la Jehova.”+ Hang-hang Joshua a khumama eaba o inamisa hlooho ’me a re ho eena: “Moren’a ka o re’ng ho mohlanka oa hae?”

  • Joshua 24:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka le tlisa naheng ea Baamore ba neng ba lula ka lehlakoreng le leng* la Jordane eaba baa le loantša.+ Empa ka nehelana ka bona matsohong a lona e le hore le nke naha ea bona eaba ke ba felisa ka pel’a lona.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela