-
Levitike 11:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Libopuoa tse ling tsohle tse nang le mapheo tse nyenyane tse tsamaeang e le sehlopha tse nang le maoto a mane, ke ntho e nyonyehang ho lona. 24 Li tla le silafatsa. E mong le e mong ea thetsang litopo tsa tsona o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.+ 25 Mang kapa mang ea nkang litopo tsa tsona a hlatsoe liaparo tsa hae+ ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.
-
-
Levitike 15:8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Haeba monna eo a tšoela motho ea hloekileng ka mathe, motho eo a hlatsoe liaparo tsa hae, a itlhatsoe ka metsi ’me o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea.
-
-
Levitike 22:4-6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ha ho monna leha e le ofe oa leloko la Arone ea nang le lepera+ kapa eo setho sa hae sa botona se lutlang+ ea lokelang ho ja lintho tse halalelang a e-s’o hloeke+ leha e le ea thetsang motho ea silafalitsoeng ke motho ea shoeleng+ kapa ea tsoang peo+ 5 kapa ea thetsang libopuoa tse sa hloekang tse tsamaeang e le sehlopha+ kapa ea thetsang motho ea sa hloekang ka lebaka leha e le lefe ebe oa mo silafatsa.+ 6 Motho ea thetsang leha e le efe ea lintho tsena o tla lula a sa hloeka ho fihlela mantsiboea ’me a ke ke a ja leha e le efe ea lintho tse halalelang empa o lokela ho itlhatsoa ka metsi.+
-