-
2 Samuele 13:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Joale Amnone a re ho Tamare: “Tlisa lijo* ka kamoreng, u mphe tsona ka letsoho la hao e le hore ke je.” Eaba Tamare o nka mahobe a bopehileng joaloka pelo ’me a a isa ka kamoreng ho khaitseli ea hae Amnone. 11 Ha a mo tlisetsa lijo hore a je, a mo tšoara ’me a re ho eena: “Khaitseli ea ka, tloo u robale le ’na.” 12 Empa Tamare a re ho eena: “Che, khaitseli ea ka! U se ke oa ntlotlolla hobane ntho e tjena ha e etsoe Iseraele.+ U se ke oa etsa ntho e mpe hakana.+
-