Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 29:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 U nke mafura+ ’ohle a koahelang mala, u nke le mafura a sebeteng le liphiong tse peli le mafura a holim’a tsona ’me u li chese hore li kubelle holim’a aletare.+ 14 Empa u chesetse nama ea poho le lekoko la eona le bolokoe ba eona ka ntle ho liahelo. Ke nyehelo ea sebe.

  • Levitike 3:3, 4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 A hlahise ho Jehova karolo e ’ngoe ea sehlabelo se kopanetsoeng e le nyehelo e chesoang ka mollo+ e leng mafura+ a koahelang mala, mafura ’ohle a potolohileng mala, 4 liphio tse peli le mafura ’ohle a li potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le liphiong.+

  • Levitike 6:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Mollo o lule o tuka aletareng. O se ke oa tima. Moprista a behe patsi holim’a oona+ hoseng ho hong le ho hong ’me a behe nyehelo ea secheso holim’a oona, a etse hore mafura a mahlabelo a kopanetsoeng a kubelle holim’a oona.+

  • Levitike 9:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Kapele-pele Arone a atamela aletareng eaba o itlhabela namane ea nyehelo ea sebe.+

  • Levitike 9:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 A etsa nyehelo ea sebe ka ho chesa mafura, liphio le mafura a sebeteng aletareng feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela