-
Levitike 6:14-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Ona ke molao oa nyehelo ea lijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pel’a Jehova ka pel’a aletare. 15 E mong oa bona a nke phofo e sitsoeng hantle, e tletseng seatla ea nyehelo ea lijo le oli e ’ngoe ea eona le libano tsohle tse tšoeu tse holim’a nyehelo ea lijo. A etse hore li kubelle holim’a aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo eohle* ho Jehova.+ 16 Arone le bara ba hae ba je e setseng+ joalokaha ba ja mahobe a se nang tomoso sebakeng se halalelang. Ba e jelle lebaleng la tente ea pokano.+
-