Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 32:9, 10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Jehova a re ho Moshe: “Ke bone hore sechaba sena se manganga.*+ 10 Ntlohele ke se halefele ’me ke se felise, ke etse uena sechaba se seholo ho e-na le sona.”+

  • Numere 25:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Kahoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale oa Peore+ eaba Jehova o ba halefela haholo.

  • Deuteronoma 11:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Hlokomelang hore le se ke la thetsoa ’me la kheloha eaba le rapela melimo e meng le ho e inamela.+ 17 Ho seng joalo, Jehova o tla le halefela haholo ’me o tla koala maholimo e le hore pula e se ke ea na+ le naha e se ke ea fana ka lihlahisoa tsa eona ’me lona le tla felisoa ka potlako naheng e ntle eo Jehova a le fang eona.+

  • Baahloli 2:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Jehova a halefela Baiseraele haholo eaba o lumella lira tsa bona hore li ba hlole li be li ba nkele lintho tsa bona.+ A ba rekisetsa lira tse ba potolohileng+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho itoanela khahlanong le lira tsa bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela