Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 17:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Sechaba sa qabana le Moshe+ ’me sa re: “Re fe metsi re noe.” Empa Moshe a re ho sona: “Ke hobane’ng ha le qabana le ’na? Ke hobane’ng ha le ntse le leka Jehova?”+

  • Numere 11:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Joale batho ba mefuta eohle*+ ba neng ba le har’a sechaba ba qala ho ba meharo.+ Baiseraele le bona ba boela ba lla hape ba re: “Ke mang ea tla re fa nama re je?+

  • Numere 16:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Kora+ mora oa Izehare,+ mora oa Kohathe,+ mora oa Levi,+ a ema hammoho le Dathane le Abirame bara ba Eliabe+ le One mora oa Pelethe, oa bara ba Rubene.+ 2 Ba hanyetsa Moshe, ba e-na le banna ba 250 ba Baiseraele, likhosana tsa sechaba, ba khethiloeng har’a phutheho, banna ba tsebahalang.

  • Numere 25:2, 3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Basali bana ba ile ba mema sechaba hore se tle mahlabelong a melimo ea bona+ eaba sechaba se qala ho ja le ho inamela melimo ea bona.+ 3 Kahoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale oa Peore+ eaba Jehova o ba halefela haholo.

  • Deuteronoma 31:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ke tseba hantle borabele ba lona+ le kamoo le leng manganga* kateng.+ Haeba le fetohetse Jehova ke ntse ke phela, le tla mo fetohela le ho feta ka mor’a lefu la ka.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela