8 Ke tla theoha ho ea ba pholosa matsohong a Baegepeta+ le ho ba ntša naheng eo, ho ba isa naheng e ntle e kholo, naheng e phallang lebese le mahe a linotši,+ sebakeng sa Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+
7 Jehova Molimo oa lona o le tlisa naheng e ntle,+ naha ea melapo ea metsi* le liliba* tse phallang thoteng le lithabeng, 8 naha ea koro le harese, ea lirapa tsa morara, lifate tsa feie* le likharenate,+ naha ea oli ea mohloaare le mahe a linotši,+
6 Letsatsing leo, ke ile ka ikana hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba khethetseng eona, e phallang lebese le mahe a linotši.+ E ne e le naha e fetang linaha tsohle ka botle.