-
Numere 32:20-22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka lihlomo bakeng sa ntoa feela joalokaha Jehova a boletse+ 21 ’me haeba kaofela ha lona le nka lihlomo ’me le tšela Jordane ka pel’a Jehova ha a leleka lira tsa hae ka pel’a hae+ 22 ho fihlela naha e hloloa ka pel’a Jehova,+ ka mor’a moo le ka ’na la khutla+ ’me le tla hloka molato ka pel’a Jehova le Iseraele. Joale naha ena e tla ba ea lona ka pel’a Jehova.+
-
-
Joshua 22:1-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Eaba Joshua o bitsa Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase 2 ’me a re ho bona: “Le entse sohle seo Moshe mohlanka oa Jehova a le laetseng sona+ ’me le ile la ’mamela linthong tsohle tseo ke le laetseng tsona.+ 3 Ha lea tlohela bana ba bo lona nakong ena eohle ho fihlela letsatsing lena+ ’me le bolokile taelo ea Jehova Molimo oa lona.+ 4 Joale, Jehova Molimo oa lona o entse hore bana ba bo lona ba lule ba sireletsehile feela joalokaha a ile a ba tšepisa.+ Kahoo, le ka khutlela litenteng tsa lona naheng eo Moshe mohlanka oa Jehova a ileng a le fa eona ka lehlakoreng le leng* la Jordane.+
-