-
Joshua 1:3-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ke tla le fa sebaka se seng le se seng seo le kenang ho sona* feela joalokaha ke ile ka tšepisa Moshe.+ 4 Sebaka sa lona se tla ba ho tloha lefeelleng ho ea fihla Lebanone le ho ea fihla nokeng e kholo ea Eufrate e leng naha eohle ea Bahethe+ le ho ea Leoatleng le Leholo* ka bophirimela.+ 5 Ha ho na motho ea tla u hlola hafeela u ntse u phela.+ Ke tla ba le uena feela joalokaha ke bile le Moshe.+ Nke ke ka u lahla kapa ka u tlohela.+
-