Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 15:14-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Lichaba li tla utloa,+ li tla thothomela.

      Baahi ba Filistia ba tla ba mahlomoleng.*

      15 Ka nako eo baeta-pele ba Edomo ba tla tšoha haholo,

      Babusi* ba matla ba Moabe ba tla thothomela.+

      Baahi bohle ba Kanana ba tla nyahama.+

      16 Ba tla tšoha ’me ba tšabe.+

      E tla ba ba sa sisinyeheng joaloka lejoe ka lebaka la letsoho la hao le matla

      Ho fihlela sechaba sa hao se feta, Jehova,

      Ho fihlela sechaba seo u se fumaneng+ se feta.+

  • Joshua 2:9-11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 A re ho bona: “Kea tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tšaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utloile kamoo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Leoatleng le Lefubelu ha le ne le tsoa Egepeta.+ Hape re utloile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a felisa ka lehlakoreng* lane la Jordane. 11 Ha re utloa litlaleho tseo, re ile ra tšoha ’me ha ho na motho ea nang le sebete ka lebaka la lona hobane Jehova Molimo oa lona ke Molimo holimo maholimong le tlase lefatšeng.+

  • Joshua 5:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hang ha marena ’ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ’ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le leoatle a utloa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ka pel’a Baiseraele ho fihlela ba tšetse, a ile a tšoha ’me a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela