51 Ana ke mafa ao moprista Eleazare, Joshua mora oa Nune le lihlooho tsa malapa a bo-ntate ba maloko a Iseraele, ba ileng ba a aba+ ka lotho ba le Shilo+ ka pel’a Jehova monyako oa tente ea pokano.+ Ba qeta ho arola naha.
9 Ka mor’a moo, Barubene, Bagade le halofo ea leloko la Manase ba tloha ho Baiseraele ba bang, ho tloha Shilo e naheng ea Kanana ’me ba khutlela naheng ea Gileade,+ naheng ea bona moo Jehova a ileng a ba laela a sebelisa Moshe+ hore ba lule teng.
19 Baholo ba boela ba re: “Ho na le mokete oa Jehova selemo le selemo Shilo+ e ka leboea ho Bethele, ka bochabela ho tsela e kholo e nyolohang Bethele e eang Shikeme, ka boroa ho Lebona.”