24 O tla nehelana ka marena a tsona matsohong a lona+ ’me ha ho na motho ea tla hopola mabitso a tsona.+ Ha ho na motho ea tla ema khahlanong le lona+ ho fihlela le li felisitse.+
3 Jehova Molimo oa lona ke eena ea tšelang pele ho lona, o tla felisa lichaba tsena ka pel’a lona ’me le tla li leleka.+ Joshua ke eena ea tla le etella pele hore le tšele+ feela joalokaha Jehova a buile.