-
Deuteronoma 13:12-15Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Haeba le utloa ho buuoa mantsoe ana a latelang ho e meng ea metse ea lona eo Jehova Molimo oa lona a le fang eona hore le lule ho eona, 13 ‘Ho na le banna ba se nang molemo ba tsoileng har’a lona e le hore ba khelose baahi ba metse ea bona, ba re: “A re eeng ’me re sebeletse melimo e meng,” melimo eo le sa kang la e tseba.’ 14 Le hlahlobe taba ena, le etse lipatlisiso ’me le botsisise.+ Haeba e le ’nete hore ntho ena e mpe ea etsahala har’a lona, 15 le bolaee baahi ba motse oo ka sabole.+ Le felise+ ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ho oona ho akarelletsa le mehlape ea oona ka sabole.
-