Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 20:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa*+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntate ba bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng.

  • Exoda 34:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Le se ke la inamela molimo e mong+ hobane Jehova o tsebahala e le* ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.* Ke Molimo ea batlang hore batho ba hae ba inehele ho eena feela.+

  • Numere 25:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 “Finease+ mora oa Eleazare mora oa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha aa ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntšepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa felisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho ’na feela.+

  • Matheu 4:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jesu a re ho eena: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela+ ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela