-
Baahloli 4:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Empa ka mor’a hore Ehude a shoe, Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+ 2 Ka lebaka leo, Jehova a ba rekisetsa Jabine morena oa Kanana,+ ea neng a busa Hazore. Molaoli oa masole e ne e le Sisera ’me o ne a lula Haroshethe+ ea balichaba.* 3 Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova+ hobane Jabine o ne a e-na le likariki tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe*+ ’me o ile a sotla Baiseraele+ ka lilemo tse 20.
-