15 Empa haeba le sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa lona ka hore le phethe litaelo tsohle tsa hae tseo ke le laelang tsona kajeno, likotlo tsena tsohle li tla le tlela ’me lintho tsena tsohle tse mpe li tla le hlahela:+
48 Jehova o tla romela lira ho lona ’me le tla li sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyoriloe, le se na liaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ea tšepe melaleng ea lona ho fihlela a le felisitse.
14 Jehova a halefela Baiseraele haholo eaba o lumella lira tsa bona hore li ba hlole li be li ba nkele lintho tsa bona.+ A ba rekisetsa lira tse ba potolohileng+ ’me ba ne ba se ba sa khone ho itoanela khahlanong le lira tsa bona.+
28 Empa hang ha ba se ba lokolohile, ba ne ba boela ba u siteloa.+ U ne u ba tlohela matsohong a lira tsa bona ’me li ba hlola.*+ Joale ba ne ba khutla ebe ba kopa thuso ho uena.+ U ne u ba utloa u le maholimong ’me nako le nako u ba pholosa hobane u mohau.+