-
1 Samuele 13:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Bafilista le bona ba phutheha ho ea loantša Baiseraele ka likariki tsa ntoa tse 30 000, ka bapalami ba lipere ba 6 000 le ka masole a mangata joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle.+ Ba nyoloha ’me ba hloma litente tsa bona Mikmashe ka bochabela ho Bethe-avene.+ 6 Banna ba Iseraele ba bona hore ba mathateng hobane lira tsa bona li ne li ba hlasela. Kahoo, ba ipata mahaheng,+ likoting, mafikeng, likamoreng tse ka tlas’a mehaho le ka likoting tsa metsi.
-