-
Numere 10:29-32Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Moshe a re ho Hobabe mora oa Reuele*+ oa Momidiane, ntate oa mosali oa Moshe: “Rea tsamaea, re ea sebakeng seo Jehova a tšepisitseng hore o tla re fa sona.+ Tsamaea le rona+ ’me re tla u tšoara hantle hobane Jehova o tšepisitse Iseraele lintho tse ntle.”+ 30 Empa a re ho eena: “Nke ke ka tsamaea. Ke tla khutlela naheng ea heso le ho ba leloko la heso.” 31 Eaba o re: “Ka kopo u se ke oa re siea hobane u tseba moo re lokelang ho hloma litente tsa rona teng lefeelleng ’me u ka re tataisa.* 32 Haeba u tsamaea le rona,+ ntho leha e le efe e molemo eo Jehova a re etsetsang eona, le rona re tla u etsetsa eona.”
-