Genese 16:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 Hamorao lengeloi la Jehova la mo fumana a le selibeng sa metsi lefeelleng, e leng seliba se tseleng e eang Shure.+ Genese 16:13 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 13 Hagare a bitsa lebitso la Jehova, ea neng a bua le eena a re: “U Molimo ea bonang lintho tsohle.”+ Eaba o re: “Na kannete ke bone ea mponang?” Genese 32:24 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 24 Qetellong Jakobo a sala a le mong. Monna e mong a loana le eena ho fihlela mesong.+ Genese 32:30 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 30 Jakobo a reha sebaka seo Peniele*+ hobane o ile a re, “Ke bone sefahleho sa Molimo* empa ke ntse ke phela.”+ Baahloli 13:21, 22 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 21 Lengeloi la Jehova ha lea ka la hlola le hlaha hape ho Manooa le mosali oa hae. Joale Manooa a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ 22 Eaba Manooa o re ho mosali oa hae: “Re tl’o shoa hobane re bone Molimo.”+ Luka 1:11, 12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 11 Eaba lengeloi la Jehova* le ema ka lehlakoreng le letona la aletare ea libano moo Zakaria a le bonang. 12 Empa ha a le bona a ferekana, a tšoha.
7 Hamorao lengeloi la Jehova la mo fumana a le selibeng sa metsi lefeelleng, e leng seliba se tseleng e eang Shure.+
13 Hagare a bitsa lebitso la Jehova, ea neng a bua le eena a re: “U Molimo ea bonang lintho tsohle.”+ Eaba o re: “Na kannete ke bone ea mponang?”
30 Jakobo a reha sebaka seo Peniele*+ hobane o ile a re, “Ke bone sefahleho sa Molimo* empa ke ntse ke phela.”+
21 Lengeloi la Jehova ha lea ka la hlola le hlaha hape ho Manooa le mosali oa hae. Joale Manooa a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ 22 Eaba Manooa o re ho mosali oa hae: “Re tl’o shoa hobane re bone Molimo.”+
11 Eaba lengeloi la Jehova* le ema ka lehlakoreng le letona la aletare ea libano moo Zakaria a le bonang. 12 Empa ha a le bona a ferekana, a tšoha.