-
Baahloli 9:16-18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Joale, na le khethile Abimeleke hore e be morena+ ka tsela e nepahetseng le e hlomphehang, na le bontšitse mosa ho Jerubaale le ba lelapa la hae ’me na le mo tšoere ka tlhompho e mo tšoanelang? 17 Ha ntate a ne a le loanela,+ o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a le pholose ho Bamidiane.+ 18 Empa kajeno le futuhetse lelapa la ntate ’me le bolaetse bara ba hae ba 70 holim’a lejoe le le leng.+ Ka mor’a moo, Abimeleke e leng mora oa lekhoba la mosali+ la Gideone, la mo etsa morena ho baeta-pele ba Shikeme hobane feela e le ngoan’abo lona.
-