-
Numere 21:23-25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Empa Sihone ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Ho e-na le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae ’me a tsoa ho ea loantša Baiseraele lefeelleng ’me a fihla Jahaze eaba o qala ho loana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ ’me ba hapa naha+ ea hae ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moeli oa naha ea Baamone.+
25 Baiseraele ba hapa metse ena eohle, ’me ba qala ho lula metseng eohle ea Baamore,+ Heshbone le metsaneng eohle e haufi* le eona.
-