14 haeba batho ba bitsoang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla ’me ba tlohela litsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utloa ke le leholimong, ke tšoarele sebe sa bona ’me ke nchafatse naha ea bona.+
13 A ’na a mo rapela ’me Molimo a hauloa ke kopo ea hae eaba oa mo mamela. A mo khutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.+ Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.+
15 A tlosa melimo ea lichaba le litšoantšo tse rapeloang ntlong ea Jehova.+ A tlosa le lialetare tsohle tseo a li hahileng thabeng ea ntlo ea Jehova+ le Jerusalema, a re li lahleloe ka ntle ho motse.