-
Numere 21:21-26Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Baiseraele ba romela baromuoa ho Sihone, morena oa Baamore ba re:+ 22 “Re lumelle hore re fete naheng ea hao. Re ke ke ra khelohela tšimong kapa serapeng sa morara. Re ke ke ra noa metsi a seliba leha e le sefe. Re tla tsamaea Tseleng ea Morena* ho fihlela re fetile naheng ea hao.”+ 23 Empa Sihone ha aa ka a lumella Baiseraele hore ba fete naheng ea hae. Ho e-na le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae ’me a tsoa ho ea loantša Baiseraele lefeelleng ’me a fihla Jahaze eaba o qala ho loana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ ’me ba hapa naha+ ea hae ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moeli oa naha ea Baamone.+
25 Baiseraele ba hapa metse ena eohle, ’me ba qala ho lula metseng eohle ea Baamore,+ Heshbone le metsaneng eohle e haufi* le eona. 26 Heshbone e ne e le motse oa morena Sihone, e leng morena oa Baamore, ea neng a kile a loana le morena oa Moabe ’me a hapa naha eohle ea hae ho ea fihla Arnone.
-