-
Baahloli 3:28Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Joale a re ho bona: “Ntateleng hobane Jehova o tla etsa hore le hlole Bamoabe lira tsa lona.” Eaba baa mo latela ’me ba hapa maliboho a Jordane ho Bamoabe. Ha baa ka ba lumella mang kapa mang ho tšela.
-
-
Baahloli 7:24Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Gideone a romela baromuoa sebakeng sohle se lithaba sa Efraime, a re: “Theohang le e’o hlasela Bamidiane ’me le ba thibele ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara.” Kahoo, banna bohle ba Efraime ba bokelloa ’me ba ba thibela ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara.
-