Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 3:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 U khethe Arone le bara ba hae ’me ba etse mesebetsi ea bona ea boprista.+ Motho leha e le ofe ea tla atamela sehalalelo empa a sa lumelloa* a bolaoe.”+

  • Deuteronoma 12:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Le tla tlisa lintho tsohle tseo ke le laelang hore le li tlise sebakeng seo Jehova Molimo oa lona a khethang hore lebitso la hae le lule ho sona,+ e leng linyehelo tsa lona tsa secheso, mahlabelo a lona, likarolo tsa lona tsa leshome,+ monehelo oa lona le nyehelo e ’ngoe le e ’ngoe ea boitlamo eo le itlamang hore le tla e fa Jehova.

  • Deuteronoma 12:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le hlokomele hore le se ke la etsetsa linyehelo tsa lona tsa secheso sebakeng leha e le sefe seo le se bonang.+

  • 2 Likronike 13:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Joale lona le nahana hore le ka loantša ’muso oa Jehova o matsohong a bara ba Davida hobane feela le le bangata le bile le e-na le manamane a khauta ao Jeroboame a le etselitseng ’ona hore e be melimo ea lona?+ 9 Le lelekile baprista ba Jehova,+ litloholo tsa Arone le Balevi, la ba la ikhethela baprista joaloka lichaba tsa linaha tse ling.+ Ha motho a tla ka pohoana le liramo tse supileng, le ne le mo etsa moprista oa litšoantšo tseo e seng melimo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela