Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 19:47, 48
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 Empa sebaka sa Dane se ne se le senyenyane haholo bakeng sa leloko leo.+ Kahoo la nyoloha, la loantša Lesheme+ ’me la e hapa le ho e hlasela ka sabole. La e hapa ’me la lula ho eona eaba le fetola lebitso la Lesheme hore e be Dane, la e rehella ka lebitso la moholo-holo oa lona Dane.+ 48 Lena e ne e le lefa la leloko la Dane ho ea ka malapa a lona. Ena e ne e le metse le metsana ea lona.

  • Baahloli 20:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ka lebaka leo, Baiseraele bohle ba tloha Dane+ le naheng ea Gileade+ ’me ba theohela Beersheba eaba ba bokana hammoho* ka pel’a Jehova Mizpa.+

  • 1 Marena 4:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Nakong eo Solomone a neng a busa, Bajuda le Baiseraele ba ne ba lula ba sireletsehile. E mong le e mong a lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feie,* ho tloha Dane ho ea Beersheba.

  • 1 Marena 12:28, 29
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ka mor’a hore morena a fumane keletso, a etsa manamane a mabeli a khauta+ ’me a re ho sechaba: “Jerusalema e hole. Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ke enoa lona Baiseraele.”+ 29 A beha e ’ngoe Bethele+ ’me e ’ngoe a e beha Dane.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela