-
Baahloli 2:20-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Qetellong Jehova a halefela Baiseraele+ haholo ’me a re: “Kaha sechaba sena se tlotse selekane+ sa ka seo ke se laetseng baholo-holo ba sona ’me ha sea ’mamela+ 21 le ’na nke ke ka leleka sechaba leha e le sefe se ileng sa sala ha Joshua a shoa.+ 22 Ke tla etsa sena e le ho leka Baiseraele ho bona hore na ba tla tsamaea tseleng ea Jehova+ joalokaha baholo-holo ba bona ba tsamaile.” 23 Kahoo, Jehova o ile a lumella lichaba tsena hore li ’ne li be teng. Ha aa ka a li leleka kapele ’me ha aa ka a etsa hore Joshua a li hlole.
-