Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 8:11-18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 A re: “Lintho tsena ke tseo morena ea tla le busa a tla ba le tokelo ea ho li batla ho lona:+ O tla nka bara ba lona,+ a ba palamise likariking tsa hae+ ’me a ba etse banna ba hae ba palamang lipere.+ Ba bang ba tla matha ka pel’a likariki tsa hae. 12 O tla ikhethela balaoli ba ba likete+ le balaoli ba ba mashome a mahlano.+ Ba bang ba tla lema masimo a hae+ ba be ba a kotule+ ’me ba tla etsa libetsa tsa hae tsa ntoa le lithulusi tsa likariki tsa hae.+ 13 O tla nka barali ba lona hore e be ba tsoakang litlolo,* ba phehang le ba bakang mahobe.+ 14 O tla nka masimo a lona le lirapa tsa lona tsa morara tse ntlehali hammoho le meru ea lona ea mohloaare+ ’me a li fe bahlanka ba hae. 15 O tla nka karolo ea leshome ea lijo tsa lona tse kotutsoeng masimong le ea lirapa tsa lona tsa morara ’me a e fe balaoli ba hae ba lekhotla le bahlanka ba hae. 16 O tla nka makhoba a lona a banna le a basali, likhomo tsa lona tse ntle ka ho fetisisa le litonki tsa lona ’me a li sebelisetse mosebetsi oa hae.+ 17 O tla nka karolo ea leshome mehlapeng ea lona ea linku le lipoli+ ’me le tla ba bahlanka ba hae. 18 Ka letsatsi le leng le tla hoeletsa ho Molimo ka lebaka la morena eo le ikhethetseng eena+ empa Jehova a ke ke a le araba letsatsing leo.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1981-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela